Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
Luka 4:5 - Baasraak Sotho NT Yaba Diabolosi a mo isa thabeng e telele, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe ka motsotso o le mong. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Diabolose o mo isa thabeng e telele, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe ka motsotso o le mong. BIBELE Hoba a mo nyollele hodimo, a mo supisa mebuso yohle ya lefatshe ka motsotswana. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Diabolosi a mo isa thabeng e telele, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe ka motsotso o le mong. |
Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
Yaba Diabolose o boela a mo isa thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe, le kganya ya yona;
Ka motsotso, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ya ho qetela; hobane terompeta e tla lla, mme bafu ba tla tsoswa, ba se ke ba bola;
le ba sebedisang lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa le sebedise; hobane sebopeho sa lefatshe lena se a feta.
Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;
Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.
Hobane ha re lwane le nama le madi, empa re lwana le mebuso, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e mebe e sebakeng se phahameng.