Luka 3:1 - Baasraak Sotho NT Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda e le moteterareke wa Galelea, Filipi ngwanabo e le moteterareke wa Iturea le wa Terakonite, Lysaniase e le moteterareke wa Abilene, Sesotho 1909/1961 (SO) Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene; BIBELE Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, ha Pontiuse Pilato a busa Judea, Heroda a busa Galelea, Filipi ngwanabo a busa naha ya Ituria le Terakonite, Losaniase a busa Abilene, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda e le moteterareke wa Galelea, Filipi ngwanabo e le moteterareke wa Iturea le wa Terakonite, Lysaniase e le moteterareke wa Abilene, |
Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo.
Empa ha ho ketekwa letsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a tjeka pela bona, a kgahlisa Heroda.
Ka baka leo, re bolelle, o reng? A ho dumeletswe ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?
Hobane Heroda ka boeena o ne a romile hore a tshware Johanne, mme a mo tlama tjhankaneng ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi ngwanabo, kaha o ne a mo nyetse.
Eitse ha letsatsi le loketseng le fihla, leo ka lona Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba mabotho, le baholo ba Galelea mokete wa tswalo ya hae;
Ka lona letsatsi leo, ha tla bafarisi ba bang, ba re ho yena: Tloha, o tlohe mona, hobane Heroda o batla ho o bolaya.
Mehleng eo ha tswa taelo e tswang ho Cesare Augustase, ya hore lefatshe lohle le ngolwe.
Empa Heroda, mmusi wa setereke, a kgalemelwa ke yena ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le ka baka la tsohle tse mpe tseo Heroda a di entseng.
Jwale Heroda wa mmusi wa setereke a utlwa tsohle tse etswang ke yena, mme a tsieleha, kahobane ba bang ba ne ba re: Johanne o tsohile bafung;
Eitse hobane a bolele taba tseo, morena a ema, le mmusisi, le Berenike, le ba dutseng le bona.
Hobane kannete Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le setjhaba sa Iseraele, ba bokanetse Jesu, Mora wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;