Eitse ha e se e le mantsiboya, monga tshimo ya merara a re ho molebedi wa hae: Bitsa basebetsi, o ba nee moputso wa bona, o qale ka ba morao ho isa ho ba pele.
Luka 16:3 - Baasraak Sotho NT Yaba molebedi o re ka ho yena: Ke tla etsa jwang? hobane monga ka o nkamoha botsamaisi; ho kopa ke dihlong. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme qhoku ya re ka pelong ya yona: Ke tla etsa eng, haele mona monga ka a nkamoha bolebedi ba ka? Ke hloka matla a ho lema; haele ho kopa, nka hlajwa ke dihlong. BIBELE “Jwale mookamedi a re ka ho yena: ‘Ke tla etsang, ha e le moo monga ka a nkamoha bookamedi? Ha ke na matla a ho sebetsa ka thata, le teng ke dihlong ho kopa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba molebedi o re ka ho yena: Ke tla etsa jwang? hobane monga ka o nkamoha botsamaisi; ho kopa ke dihlong. |
Eitse ha e se e le mantsiboya, monga tshimo ya merara a re ho molebedi wa hae: Bitsa basebetsi, o ba nee moputso wa bona, o qale ka ba morao ho isa ho ba pele.
Ba fihla Jeriko, mme yare ha a etswa Jeriko le barutuwa ba hae le bongata bo boholo, mora Timea, Baratimea wa sefofu, o ne a dutse pela mmila, a kopa.
A nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang, haele moo ke se na moo nka kalang ditholwana tsa ka teng?
Mme a mmitsa, a re ho yena: Taba tseo ke di utlwang tsa hao ke dife? fana ka tlaleho ea botsamaisi ba hao; hobane ha o sa tla hlola o eba molebedi.
Ho ne ho ena le mokopi e mong ya bitswang Lasaro, ya neng a bewa monyako wa hae, a tletse diso.
Ke tseba seo ke tla se etsa, e tle e re ha ke lelekoa botsamaising, ba nkamohele matlung a bona.
Mme a hana ka nakwana, empa hamorao a ipolella, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa tsotelle motho;
Baahelani le ba mmoneng pele hore o ne a foufetse, ba re: Na hase yena ya neng a dutse mme a kopa?
Monna e mong ya neng a holofetse ho tloha popelong ya mmae, o ne a jarwa, eo ba neng ba mmea ka matsatsi wohle monyakong wa Tempele o bitswang o Motle, hore a kope dithuso ho ba kenang Tempeleng.
Mme a thothomela, a makala, a re: Morena, o rata hore ke etseng? Morena a re ho yena: Ema, o kene motseng, mme o tla bolellwa seo o tshwanetseng ho se etsa.
Hobane re utlwa hore ho na le ba bang hara lona ba tsamayang ka ho hloka taolo, ba sa sebetse ho hang, empa ba itshwenya.