Luka 1:21 - Baasraak Sotho NT Mme batho ba ne ba emetse Sakaria, ba hlollwa ke ho dieha ha kalo ka Tempeleng. Sesotho 1909/1961 (SO) Batho bona ba ne ba ntse ba lebeletse Sakaria kantle, ba maketse ke ho dieha ha hae ka tempeleng. BIBELE Batho ba ne ba emetse Sakariya, mme ba makaletse ho dieha ha hae ka Tempeleng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme batho ba ne ba emetse Sakaria, ba hlollwa ke ho dieha ha kalo ka Tempeleng. |
Jesu ha a utlwa, a hlollwa, a re ho ba mo latelang: Kannete ke a le bolella, ha ke eso ho bone tumelo e kalo, leha e le Iseraeleng.
Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle tsatsi leo taba tseo di tla etsahala ka lona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tlang ho phetheha ka nako ya tsona.
Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone pono ka tempeleng;