Jakobo 4:2 - Baasraak Sotho NT Le a lakatsa, mme ha le rue letho; le a bolaya, mme le lakatsa ho rua, empa ha le kgone ho fumana; Sesotho 1909/1961 (SO) Le a lakatsa, mme ha le rue letho; le a bolaya, le na le mona, mme le sitwa ho fumana; le a lwana, le a tseka; ha le na letho kahobane ha le kope. BIBELE Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le a lakatsa, mme ha le rue letho; le a bolaya, mme le lakatsa ho rua, empa ha le kgone ho fumana; |
Jesu a araba, a re ho yena: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena: Mphe ke nwe; o ka be o kopile ho yena, mme a ka be a o file metsi a phelang.
Ekare ha e mong wa lona a hloka bohlale, a a kope ho Modimo, o fang bohle ka bolokolohi, o sa nyatse; mme o tla e newa.
E mong le e mong ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya nang le bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.