Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Ntshetsang ka ntle seaparo se setle ka ho fetisisa, le mo apese sona; le mo rwese palamonwana letsohong, le dieta maotong a hae;
Jakobo 2:2 - Baasraak Sotho NT Hobane ekare ha ho kena monna phuthehong ya lona ya apereng lesale la kgauta, a apere seaparo se setle, mme ho kena le mofutsana ya apereng diaparo tse mpe; Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ekare ha monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng dikobo tsa bokgabane, a kena phuthehong ya lona, ho kena le mofumanehi ya dikobo di mpe; BIBELE Ho ka etsahala hore phuthehong ya lona ho kene monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng tse mahadihadi, ho be ho kene le mofutsana ya apereng tse marantha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ekare ha ho kena monna phuthehong ya lona ya apereng lesale la kgauta, a apere seaparo se setle, mme ho kena le mofutsana ya apereng diaparo tse mpe; |
Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Ntshetsang ka ntle seaparo se setle ka ho fetisisa, le mo apese sona; le mo rwese palamonwana letsohong, le dieta maotong a hae;
Yaba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedisa, ba mo soma, ba mo apesa seaparo se setle, mme ba mo kgutlisetsa ho Pilato.
Le bile le hlompha ya apereng seaparo se setle, mme le re ho yena: ’Dula mona sebakeng se setle; mme le re ho mofutsana: Ema mona, kapa o dule tlasa bonamelo ba maoto a ka;