Jakobo 1:9 - Baasraak Sotho NT Ngwanabo motho ya nyatsehang a ke a thabele phahamiso ya hae; Sesotho 1909/1961 (SO) Modumedi wa mofutsana a ithabele boholong ba hae. BIBELE Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ngwanabo motho ya nyatsehang a ke a thabele phahamiso ya hae; |
Leha ho le jwalo, le se ke la thabela hoo, ha meya e le tlasa lona; le mpe le thabe, hobane mabitso a lona a ngodilwe lehodimong.
Hobane e mong le e mong ya iphahamisang, o tla kokobetswa; mme ya ikokobetsang o tla hodiswa.
A re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana enwa ka lebitso la ka, o a nkamohela, mme e mong le e mong ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng;
Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.
re le ba hlomohileng, empa re ntse re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; jwaloka hoja re se na letho, athe re ruile dintho tsohle.
Hobane ke rona ba lebollo, ba sebeletsang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste, mme ba sa tshepe nama.
Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.
Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (empa o ruile), mme ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.