Jakobo 1:11 - Baasraak Sotho NT Hobane letsatsi ha le sa tjhaba ka motjheso o tjhesang, le omeletsa jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae. BIBELE Ha letsatsi le tjhaba ka lebatama la lona, bo a omella, palesa ya bona e wela fatshe, mme botle ba bona bo a fela. Le yena morui o tla fela jwalo, a ntse a le hara merero ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane letsatsi ha le sa tjhaba ka motjheso o tjhesang, le omeletsa jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; |
ba re: Bana ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona ba jereng boima le mocheso wa letsatsi.
Ha ho le jwalo, ekare ha Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping, na a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?
le ba sebedisang lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa le sebedise; hobane sebopeho sa lefatshe lena se a feta.
re tla rua lefa le sa boleng, le sa silafalang, le sa senyeheng, leo le le boloketsweng lehodimong.