Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo; Mora motho o tla ba matleng a lefatshe ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Baefese 4:9 - Baasraak Sotho NT (Jwale kaha o nyolohile, ke eng haese hore o ile a boela a theohela pele dikarolong tse ka tlaase tsa lefatshe? Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ho nyoloha hoo ke ho reng, haese ho re, o ne a theohetse pele dibakeng tse ka tlasetlase tsa lefatshe? BIBELE Jwale ho re “o ile a nyolohela” ke ho reng, haese ho bolela hore o ile a qala ka ho theohela tlasetlase lefatsheng? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 (Jwale kaha o nyolohile, ke eng haese hore o ile a boela a theohela pele dikarolong tse ka tlaase tsa lefatshe? |
Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo; Mora motho o tla ba matleng a lefatshe ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.
Ha ho motho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho ya leng mahodimong.
Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa thato ya ka, empa ho etsa thato ya ya nthomileng.
Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea bakeng sa bophelo ba lefatshe.
Sena ke bohobe bo theohileng lehodimong, e seng jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwa; ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.
Jesu a araba, a re ho bona: Leha ke ipaka, bopaki ba ka ke ba nnete; empa lona ha le tsebe moo ke tswang teng, le moo ke yang teng.
O mo entse e monyenyane ho feta mangeloi; wa mo rwesa moqhaka wa kganya le kganya, mme wa mmea hodima mesebetsi ya matsoho a hao.
Empa re bona Jesu, ya ileng a bewa katlase ho mangeloi hanyenyane, ka baka la ho hlokofatswa ha lefu, a rwetse moqhaka wa kganya le hlompho; hore ka mohau wa Modimo a latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.