A nea e mong ditalenta tse hlano, e mong tse pedi, e mong e le nngwe; e mong le e mong ka matla a hae; mme a phakisa a tloha.
Baefese 4:7 - Baasraak Sotho NT Empa e mong le e mong wa rona o neilwe mohau ka tekanyo ya neo ya Kreste. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa e mong le e mong ho rona o neilwe mohau ka tekanyo ya neo ya Kreste. BIBELE Empa e mong le e mong wa rona o neilwe mohau ho ya kamoo Kreste a mo lekanyeditseng mpho ya hae kateng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa e mong le e mong wa rona o neilwe mohau ka tekanyo ya neo ya Kreste. |
A nea e mong ditalenta tse hlano, e mong tse pedi, e mong e le nngwe; e mong le e mong ka matla a hae; mme a phakisa a tloha.
Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.
Jwale, jwaloka basebetsi mmoho le yena, re a le rapela hore le se ke la amohela mohau wa Modimo lefeela.
Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;
Modimo le yena o ba pakile ka dipontsho, le meeka, le ka mehlolo e mengata, le dineo tsa Moya o Halalelang, ka ho rata ha wona?
E mong le e mong a sebeletse e mong ka neo eo a e abetsweng, jwaloka balebedi ba molemo ba mehauhelo e mengata ya Modimo.