O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.
Baefese 4:6 - Baasraak Sotho NT Modimo o le mong, le Ntata bohle, o okametseng bohle, le ka tsohle, le ho lona bohle. Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo o mong, e leng Ntata bohle, ya kahodimo ho bohle, ya hara bohle, ya ka ho bohle. BIBELE Modimo eo e leng Ntata rona bohle o mong, o okametse bohle, o sebetsa ka bohle, o kahara bohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Modimo o le mong, le Ntata bohle, o okametseng bohle, le ka tsohle, le ho lona bohle. |
O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.
Ka baka leo, le rapele ka mokgwa ona: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le kgethehe.
Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata;
Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla le bolela, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.
Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.
Hobane dintho tsohle di tswa ho yena, mme di teng ka yena, di ya ho yena; ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen.
Ho na le mesebetsi e fapaneng, empa ke Modimo o le mong feela o sebetsang tsohle ho bohle.
Empa ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, eo dintho tsohle di tswang ho yena, le rona re ho yena; le Morena a le mong, Jesu Kreste, eo dintho tsohle di leng ka yena, le rona re ka yena.
Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho? hobane le tempele ya Modimo o phelang; jwalokaha Modimo o itse: Ke tla aha hara bona, ke tsamaye hara bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.
Ka holimo ho bobusi bohle, le matla, le bonatla, le borena, le mabitso ohle a boleloang, e seng lefatšeng lena feela, empa le ho le tlang ho tla.
Kreste a tle a dule ka dipelong tsa lona ka tumelo; hore le metse ka metso, le theohe leratong;
A kgotso e be le bana babo rona, le lerato le tumelo, tse tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste.
Mme ya bolokang ditaelo tsa hae o dutse ho yena, le yena o dutse ho yena. Ke ka hona re tsebang hobane o dutse ho rona, ka Moya oo a re neileng wona.