Empa ke o rapetse, hore tumelo ya hao e se ke ya fela, mme ha o sokolohile, o matlafatse banabeno.
Baefese 4:12 - Baasraak Sotho NT bakeng sa ho phetheha ha bahalaledi, hore ho tle ho be le tshebetso ya tshebeletso, le ho haha mmele wa Kreste. Sesotho 1909/1961 (SO) ho phethisisa bahalaledi, ho etsa tshebetso ya bodisa, ho hahisa mmele wa Kreste; BIBELE hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 bakeng sa ho phetheha ha bahalaledi, hore ho tle ho be le tshebetso ya tshebeletso, le ho haha mmele wa Kreste. |
Empa ke o rapetse, hore tumelo ya hao e se ke ya fela, mme ha o sokolohile, o matlafatse banabeno.
e le hore a ka nka karolo ya tshebeletso ena le boapostola boo Judase a ileng a kgeloha ho bona, hore a ye sebakeng sa hae.
Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa bohle hore ba kgomarele Morena ka sepheo sa pelo.
Empa ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ntšusumetsang, ’me ha ke nke bophelo ba ka e le ba bohlokoa ho ’na, hore ke tle ke qete leeto la ka ka thabo le tšebeletso eo ke e amohetseng ho Morena Jesu ea ho paka Evangeli ea mohau oa Molimo.
Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.
Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa. mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.
Jwale rona, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, mme e mong le e mong ke ditho tsa e mong.
Haele nna, banabeso, ke kgodisehile ka lona hore le lona le tletse molemo, le tletse tsebo yohle, le hore le ka kgona le ho eletsana.
Ke a tseba hore mohla ke tlang ho lona, ke tla tla ka mahlohonolo a tletseng a Evangeli ya Kreste.
Ka mokgwa o jwalo, le lona, erekaha le tjhesehela dineo tsa Moya, le batle ka ho fetisisa hore le tle le atlehe ho haha phutheho.
Hobane ha ke rapela ka puo esele, moya wa ka o a rapela, empa kelello ya ka ha e be le ditholwana.
Ho tla jwang jwale, banabeso? Ha le phuthehile, e mong le e mong wa lona o na le sefela, o na le thuto, o na le puo, o na le tshenolo, o na le tlhaloso. Lintho tsohle li ke li etsoe ho haha.
Hape, le re re ikemela ho lona? re bua pela Modimo re le ho Kreste: empa re etsa ntho tsohle, baratuwa, bakeng sa ho le hahisa.
Qetellong, barab’eso, salang hantle. Le phethehe, le tshedisehe, le be le kgopolo e le nngwe, le phele ka kgotso; mme Modimo wa lerato le kgotso o tla ba le lona.
Mme tsohle di tswa ho Modimo, o re boelantseng le wona ka Jesu Kreste, wa re nea tshebeletso ya poelano;
Baratuwa, kaha re na le ditshepiso tsena, a re itlhwekiseng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phethahatsa khalalelo ka ho tshaba Modimo.
Ke yena eo mmele wohle o kopantsweng hantle, o kopantsweng hantle, ka ho tshehetswa ha leloko le leng le le leng, ho ya ka tshebetso e lekanyang setho se seng le se seng, o hodisa mmele ho ikgahang ka lerato.
Polelo e mpe e se ke ya tswa melomong ya lona, ha e se e molemo ya ho aha ba e utlwang, e tle e hlahise mohau ho ba e utlwang.
Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ya pitso ya lona;
Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;
Ke yena eo re mo bolelang, re lemosa batho bohle, mme re ruta batho bohle ka bohlale bohle; re tle re hlahise motho e mong le e mong a phethehile ho Jesu Kreste;
Ke leboha Kreste Jesu, Morena wa rona, ya mphang matla, kahobane a mpone ke le ya tshepahalang, ka ho mpea tshebeletsong.
Ke Luka a le mong feela ea nang le ’na. Nka Mareka, u tle le eena, hobane o na le thuso ho ’na tšebeletsong.
Empa wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethe tshebeletso ya hao ka botlalo.
Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;