Baefese 4:10 - Baasraak Sotho NT Ya theohileng ke yena ya nyolohetseng hole hole mahodimo wohle, hore a tle a tlatse tsohle.) Sesotho 1909/1961 (SO) Ya neng a theohile, esale yena ya nyolohetseng kahodimo ho mahodimo wohle, a tle a tlale ntho tsohle. BIBELE Ya ileng a theohela tlase, ke yena ya nyolohetseng hodimodimo ho mahodimo wohle, hore tsohle di tlale boyena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ya theohileng ke yena ya nyolohetseng hole hole mahodimo wohle, hore a tle a tlatse tsohle.) |
A re ho bona: Ke wona dipolelo tseo ke le boleletseng tsona, ha ke sa na le lona, hore tsohle tse ngodilweng molaong wa Moshe, le baporofeta, le Dipesaleme, e ka kgona di etsahale. ’na.
Yaba ba bolellana, ba re: A re se keng ra e hahola, empa a re e laoleng ka lotho, hore e tla ba ya mang; Yaba bahlabani ba etsa tsena.
Kamora tseo, Jesu a tseba hobane tsohle di se di phethehile, hore Lengolo le etsahale, a re: Ke nyorilwe.
Hobane taba tseo di etsahetse hore Lengolo le etsahale le reng: Ho ke ke ha rojwa lesapo la hae.
Ba re: Banna ba Galelea, le emetseng le lelaletse lehodimong? Jesu enoa ea nketsoeng leholimong ho tsoa ho lōna, o tla tla ka mokhoa oo le mo boneng a ea leholimong ka oona.
Eitse hobane a bolele taba tseo, ba ntse ba tadimile, a nkelwa hodimo; mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
Ka baka leo, kahobane a phahamiseditswe ka letsohong le letona la Modimo, mme a amohetse pallo ya Moya o Halalelang ho Ntate, o tsholotse sena, seo le se bonang, le se utlwang jwale.
Empa dintho tseo Modimo o di boletseng pele ka melomo ya baporofeta bohle ba hae, hore Kreste o tla hlokofatswa, o di phethile jwalo.
Ke tsebile motho e mong ya leng ho Kreste, e se e le dilemo tse leshome le metso e mene, (hore na o ne a le ka mmeleng, ha ke tsebe, kapa ka ntle ho mmele, ha ke tsebe, ho tseba Modimo), motho ya jwalo a nketswe lehodimong la boraro.
Le ho tseba lerato la Kreste, le fetang tsebo, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.
Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.
Ka baka leo, erekaha re na le moprista e moholo ya kenetseng lehodimong, Jesu Mora wa Modimo, a re tiiseng boipolelo ba rona.
Hobane e ne e le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya sa silafalang, ya arohileng ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho feta mahodimo;
Jwale, moelelo wa ditaba tseo re di boletseng, ke hore: Re na le moprista e moholo ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya E moholo mahodimong;