Mme ha e le ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau. Empa ha e le ka mesebetsi, ha e sa le mohau;
Baefese 2:9 - Baasraak Sotho NT E seng ka mesebetsi, hore ho se be motho ya ithorisang. Sesotho 1909/1961 (SO) hase ka mesebetsi, ho tle ho se ka ha eba motho ya ithorisang. BIBELE hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E seng ka mesebetsi, hore ho se be motho ya ithorisang. |
Mme ha e le ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau. Empa ha e le ka mesebetsi, ha e sa le mohau;
Ka baka leo, ha ho nama e tla bewa e lokileng pela hae ka diketso tsa molao, hobane ho tseba sebe ka molao.
Hobane ha Abrahama a beilwe ya lokileng ka mesebetsi, o na le boithoriso; empa eseng pela Modimo.
(hobane bana ha ba eso ho tswalwe, ba eso ho etse botle leha e le bofe bokgopo, hore morero wa Modimo o ikgethetseng o tle o eme, e seng ka mesebetsi, e mpe e be wa ya bitsang);
Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,