Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme o boetse o a phela; o ne a lahlehile, mme o fumanwe. Mme ba qala ho thaba.
Baefese 2:5 - Baasraak Sotho NT Leha re ne re shwele dibeng, o re phedisitse hammoho le Kreste, (le bolokehile ke mohau;) Sesotho 1909/1961 (SO) ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau), BIBELE o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha re ne re shwele dibeng, o re phedisitse hammoho le Kreste, (le bolokehile ke mohau;) |
Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme o boetse o a phela; o ne a lahlehile, mme o fumanwe. Mme ba qala ho thaba.
Hobane jwalokaha Ntate a tsosa bafu, mme a ba phedise; le Mora o phedisa bao a ratang ho ba phedisa.
Moya ke wona o phedisang; nama ha e thuse letho: dipolelo tseo ke le bolellang tsona ke moya, mme ke bophelo.
Modimo wa kgotso o tla phakisa o pshatle Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen.
Ka baka leo, ke ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; hore pallo e tle e tiye leloko lohle; e seng ho bao e leng ba molao feela, empa le ho bao e leng ba tumelo ya Abrahama; ke yena ntata rona bohle.
Hobane ekare ha re ne re le dira, re boelane le Modimo ka lefu la Mora wa wona, haholo ha re se re boelantswe, re tla bolokeha ka bophelo ba hae haholo.
Empa Modimo o totisitse lerato la wona ho rona, ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a re shoela.
Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang di be le lona bohle. Amen. (Lengolo la bobeli le eang ho Bakorinthe le ngotsoe ke Tite le Lucas ho tsoa Filipi, e leng motse oa Macedonia.)
Hobane le bolokehile ka mohau ka tumelo; mme hoo ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo;
Ke ka baka leo ho thoeng: Tsoha, uena ea robetseng, u tsohe bafung, ’me Kreste o tla u bonesetsa.
Le lona ba neng ba shwele dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle.
E seng ka mesebetsi ya ho loka eo re e entseng, empa e le ka mohau wa wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa botjha, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang;