Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
Baefese 2:10 - Baasraak Sotho NT Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona. BIBELE Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona. |
Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
Empa ya etsang nnete, o tla leseding, hore diketso tsa hae di bonahatswe, hobane di entswe ho Modimo.
Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa. mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.
Jope ho ne ho le morutuwa e mong ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dimpho tseo a neng a di etsa.
Jwale, ha ho sa le tsuo ho ba leng ho Kreste Jesu, ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka Moya.
Hobane bao a ba tsebileng esale pele, o bile o ba rere esale pele hore ba tshwane le setshwantsho sa Mora wa hae, hore e tle e be letsibolo hara baena ba bangata.
Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.
Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa mohau wohle; le tle le be le ho lekaneng ka mehla nthong tsohle, le atele mesebetsing yohle e molemo;
Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho, empa e le sebopuwa se setjha.
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, ba dumelang ho Jesu Kreste:
jwalokaha o re kgethetse ho yena pele lefatshe le thewa, hore re tle re halalele, re hloke sekodi pela wona;
Empa jwale, ka Jesu Kreste, lona ba kileng ba ba hole, le atameditswe ka madi a Kreste.
A fedisitse ka nameng ya hae bora, e leng molao wa ditaelo tse laetseng; hore ba babeli a ba etse ka ho eena motho a le mong e mocha, ka ho etsa khotso;
Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.
Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.
mme le apare motho e motjha, ya bopilweng ka mokgwa wa Modimo ho lokeng le kgalalelong ya nnete.
Ke ntse ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi o motle ho lona o tla o phetha ho fihlela letsatsi la Kreste Jesu.
E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.
Homotsa dipelo tsa lona, mme le le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo.
O bolelwa hantle ka mesebetsi e molemo; haeba a holisitse bana, haeba a amohetse basele, haeba a hlatsoitse maoto a bahalaleli, haeba a thusitse ba mahlomoleng, haeba a latetse ka hloko mesebetsi eohle e molemo.
Ka mokgwa o jwalo le mesebetsi e metle e bonahala e sa le pele; mme tse di seng jalo ga di ka ke tsa fitlhega.
hore ba etse se molemo, ba rue mesebetsing e metle, ba ikemisetse ho aba, ba rate ho arolelana;
Ekare ha motho a itlhwekisa ho tseo, e tla ba pitsa e hlomphuwang, e kgethetsweng, e loketseng mong wa yona, e lokiseditsweng mosebetsi o mong le o mong o molemo.
hore monna wa Modimo a tle a phethehe, a hlomeletse ka botlalo ho etsa mesebetsi yohle e molemo.
Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.
U iponahatse u le mohlala oa mesebetsi e metle linthong tsohle, thutong ea ho se bole, le bokhabane, le botšepehi,
U ba hopotse ho ipeha tlas’a mebuso le babusi, le ho utloa babusi, ba itokiselitse mesebetsi eohle e molemo;
Mme le ba rona a ba ithute ho tiisetsa mesebetsing e metle, hore ba tle ba be le dithuso tse hlokahalang, e le hore e se be ba sa beheng.
Polelo ena e a tshepahala, mme ke rata hore o tiise taba tseo ka mehla, hore ba dumetseng ho Modimo ba tle ba ele hloko ho boloka mesebetsi e metle. Dilo tse, di molemo, di molemo mo bathong.
a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.
Le be le metsamao e metle hara baditjhaba, hore, leha ba le bua hampe, ba re le le baetsadibe, ba tle ba tlotlise Modimo ka letsatsi la kahlolo ka mesebetsi ya lona e metle, eo ba e bonang.
Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa hae, a re hlatswa sebeng sohle.