Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye.
Baefese 1:22 - Baasraak Sotho NT mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, mme a mmea hore e be hlooho ya dintho tsohle bakeng sa phutheho. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, a ba a mo nea Kereke, e tle e be yena hlooho dinthong tsohle. BIBELE Modimo o bile o beile tsohle katlasa maoto a hae, mme ka ho mmea hodima tsohle, o mo entse hlooho ya kereke, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, mme a mmea hore e be hlooho ya dintho tsohle bakeng sa phutheho. |
Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye.
Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.
Empa ke rata ha le ka tseba, hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste; mme hlooho ya mosadi ke monna; mme hlooho ya Kreste ke Modimo.
Ho yena ho ke ho be le kganya ka kerekeng ka Kreste Jesu ho isa melokong yohle, ka ho sa feleng! Amen.
Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste e le hlooho ya kereke, mme ke Mopholosi wa mmele.
Ke yena hloho ya mmele, ya kereke; e le hore a tle a be le sebaka sa pele nthong tsohle.
Mme a sa tshware Hlooho, eo ho yona mmele wohle o sebeletswang ka manonyello le mahlapo, o hohelwang hammoho ka ho hola ha Modimo.
Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.
Dintho tsohle o di beile katlasa maoto a hae. Hobane ka ho bea tsohle katlasa hae, ha a ka a siya letho le sa beweng tlasa hae. Empa joale ha re e-so bone lintho tsohle li behiloe tlas’a hae.