Mattheu 18:28 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa mohlanka eo, ha a etswa, a fumana e mong wa bahlanka ka yena, ya neng a mo kolota didenari tse lekgolo; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa mohlanka eo, ha a tswela kantle, a teana le molekane wa hae wa bohlanka, ya nang le molato ho yena wa didenare tse lekgolo; yaba o a mo tshwara, a mo kgama, a re: Lefa molato wa hao. BIBELE “Empa hoba mohlanka eo a tswe, a kopana le e mong wa balekane ba hae ba bohlanka, ya neng a ena le molato wa didenare tse lekgolo ho yena. A mo tshwara, a mo kgama, a re: ‘Lefa molato wa hao!’ Baasraak Sotho NT Empa mohlanka eo, ha a etswa, a fumana e mong wa bahlanka ka yena, ya neng a mo kolota didenari tse lekgolo; |
Mohlanka ka yena a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: Ako mphe pelo, mme ke tla o lefa kaofela.
Eitse hobane a dumellane le basebetsi ka denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya merara.
Hobane e ka be e rekisitswe ka didenari tse fetang makgolo a mararo, mme ya newa bafumanehi. Mme ba mo korotlela.
A araba, a re ho bona: Ba feng ke lona. Ba re ho yena: Hleka re ye ho reka mahobe ka disente tse makgolo a mabedi, re ba fe ho ja na?
Ka hosasane, ha a tloha, a ntsha didenari tse pedi, a di nea monga ntlo, a re ho yena: Mo hlokomele; mme seo o tla se ntsha ho feta moo, ke tla o buseletsa mohla ke kgutlang.
Ho ne ho ena le motho ya kolotang motho e mong, a na le ba kolotang ba babedi; e mong o ne a kolota didenari tse makgolo a mahlano, e mong tse mashome a mahlano.
Filipo a mo araba, a re: Mahobe a didenari tse makgolo a mabedi ha a ba lekane, hore e mong le e mong a nke hanyenyane.