Empa ha a bona moya o fokang, a tshoha; mme a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose!
Mattheu 14:31 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng? Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng? BIBELE Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?” Baasraak Sotho NT Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng? |
Empa ha a bona moya o fokang, a tshoha; mme a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose!
Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; mme e tla tloha; mme ha ho letho le le sitang.
Ha ho le jwalo, ekare ha Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping, na a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?
A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo.
A tla, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; mme feberu ya phakisa ya mo tlohela, mme a ba sebeletsa.
Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata; o hlweke.
Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng; mme a ke ke a belaela pelong ya hae, a mpa a dumela hore tseo a di bolelang di tla etsahala; o tla fuoa seo a se buang.
Empa tsamayang, le bolelle barutuwa ba hae le Petrose, le re: O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse.
A tshwara letsoho la morwetsana, a re ho yena: Talitha kumi; ke ho re, ha ho fetolwa: Ngoanana, ke re ho wena: Tsoha!
Ka ho otlolla letsoho la hao ho fodisa; le hore dipontsho le meeka di tle di etswe ka lebitso la Jesu, Mora wa hao ya halalelang.
Jwale ke rata hore banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a halalelang, ba se na kgalefo le dipelaelo.
Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.