Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi le bobedi; a ba nea matla hodima meya e ditshila;
Luka 9:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Le se ke la nka letho la leeto, leha e le lere, leha e le mokotla, leha e le bohobe, leha e le tjhelete; hape le se ke la ba le diaparo tse pedi. Sesotho 1909/1961 (SO) a re ho bona: Le se ke la nkela tsela letho, leha e le mare, leha e le mokotla, kapa bohobe, kapa tjhelete, le hona le se ke la ba le dikobo tse pedi. BIBELE a re ho bona: “Le se ke la nka letho ha le eta, leha e le lere, leha e le mokotlana, leha e le bohobe, leha e le tjhelete, leha e le diaparo tse pedi motho ka mong. Baasraak Sotho NT A re ho bona: Le se ke la nka letho la leeto, leha e le lere, leha e le mokotla, leha e le bohobe, leha e le tjhelete; hape le se ke la ba le diaparo tse pedi. |
Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi le bobedi; a ba nea matla hodima meya e ditshila;
A re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang; leha e le bakeng sa mmele, seo le tla se apara.
Haeba Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping; a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?
A re ho bona: “Ha ke le roma le se na sepatjhe, le mokotla wa mokotla, le dieta, na le ile la hloka letho? Ba re: Ha ho letho.
A araba, a re ho bona: Ya nang le diaparo tse pedi, a abele ya se nang tsona; le ya nang le dijo, a etse jwalo.
Lefi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme letshwele le leholo la balekgetho le ba bang ba dutse le bona.
Ha ho ya ntweng ya ikenyang litabeng tsa bophelo bona; hore a tle a kgahlise ya mo kgethileng ho ba mohlabani.