Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;
Luka 5:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A kena ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo rapela hore a se suthise ho se hokae lebopong. A dula, a ruta batho a le ka sekepeng. Sesotho 1909/1961 (SO) A kena ho se seng, e leng sa Simone, mme a mo rapela hore a se suthise hanyenyane lebopong. Yaba o dula sekepaneng, a ruta matshwele. BIBELE A kena ka ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo kopa hore a se sesisetse sebakana le lebopo; hoba a dule, a ruta matshwele a le ka sekepeng. Baasraak Sotho NT A kena ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo rapela hore a se suthise ho se hokae lebopong. A dula, a ruta batho a le ka sekepeng. |
Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;
Hobane o ne a fodisitse ba bangata; hoo bohle ba neng ba na le dikotsi ba neng ba mo petetsa hore ba mo ame.
A bolella barutuwa ba hae hore sekepana se mo emele ka baka la bongata, esere ba mo petetsa.
A bona dikepe tse pedi di eme pela letsha, batshwasi ba dihlapi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona.
Yare ha e sa le kameso, a boela a kena tempeleng, mme batho bohle ba tla ho yena; mme a dula fatshe, a ba ruta.