Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;
Luka 5:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A bona dikepe tse pedi di eme pela letsha, batshwasi ba dihlapi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona. Sesotho 1909/1961 (SO) A bona dikepana tse pedi tse emeng haufi le lebopo, batshwasi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona. BIBELE a bona dikepe tse pedi di eme lebopong la letsha, batshwasi ba ditlhapi ba tswile ka ho tsona ba hlatswa matlowa a bona. Baasraak Sotho NT A bona dikepe tse pedi di eme pela letsha, batshwasi ba dihlapi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona. |
Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;
Ha a tswela pele ho tloha moo, a bona ba bang ba babedi ba bara ba motho, e leng Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo, ba le ka sekepeng le Sebedea ntata bona, ba ntse ba lokisa matlowa a bona; mme a ba bitsa.
Yare ha a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.
Eitse hobane a fete sebakanyana, a bona Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba lokisa matlowa a bona.
Yare ha bongata bo ntse bo mo poteleditse ho utlwa lentswe la Modimo, a ema lebopong la letsha la Genesaretha.
A kena ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo rapela hore a se suthise ho se hokae lebopong. A dula, a ruta batho a le ka sekepeng.
E mong wa ba babedi ba utlwileng Johanne a bua, mme ba mo latela, e ne e le Andrease, ngwanabo Simone Petrose.