Luka 10:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eyang tseleng ya lona: bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. Sesotho 1909/1961 (SO) Tsamayang! Bonang, nna ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. BIBELE Eyang! Bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. Baasraak Sotho NT Eyang tseleng ya lona: bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. |
Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.
Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le diphiri tse harolang.
Le se ke la nka mokotlana wa ditjhelete, leha e le mokotla, kapa dieta, mme le se ke la dumedisa motho tseleng.
Empa eo e leng mothwalwa, e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, a balehe;
Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.
Hobane ke tseba sena, hobane ha ke se ke tlohile, ho tla kena hara lona diphiri tse harolang, tse sa qeneheleng mohlape.
Hobane ke tla mmontsha hore na o tshwanetse ho hlokofatswa jwang ka baka la lebitso la ka.
A kopa ho yena mangolo a yang ho masinagoge a Damaseka, hore ekare ha a ka fumana ba bang ba Tsela ena, e ka ba banna le basadi, a ba tlise ba tlamilwe Jerusalema.