La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jakobo 2:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Le bile le hlompha ya apereng seaparo se setle, mme le re ho yena: ’Dula mona sebakeng se setle; mme le re ho mofutsana: Ema mona, kapa o dule tlasa bonamelo ba maoto a ka;

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

ha le ka babatsa ya apereng dikobo tsa bokgabane, la re ho yena: Dula mona botleng, mme la re ho mofumanehi: Wena, ema mane! kapa: Dula mona tlasa bonamelo ba maoto a ka!

Ver Capítulo

BIBELE

Ha le sheba ya apereng tse mahadihadi, ebe le re ho yena: “Wena, ako dule setulong sena se setle,” empa le re ho mofutsana: “Wena, ema mona,” kapa: “Dula fatshe mona maotong a ka,”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Le bile le hlompha ya apereng seaparo se setle, mme le re ho yena: ’Dula mona sebakeng se setle; mme le re ho mofutsana: Ema mona, kapa o dule tlasa bonamelo ba maoto a ka;

Ver Capítulo



Jakobo 2:3
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedisa, ba mo soma, ba mo apesa seaparo se setle, mme ba mo kgutlisetsa ho Pilato.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore, leha a ne a ruile, o ile a futsaneha ka baka la lona, hore lona ka bofuma ba hae le tle le rue.


Hobane ekare ha ho kena monna phuthehong ya lona ya apereng lesale la kgauta, a apere seaparo se setle, mme ho kena le mofutsana ya apereng diaparo tse mpe;


Empa le nyedisitse bafumanehi. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng a dikgotla na?


Bao ke bakorotli, ba korotla, ba tsamayang ka ditakatso tsa bona; mme melomo ya bona e bolela dipolelo tse kgolo tsa boikgohomoso, ba kgahla batho ka baka la katleho.