BaKolose 2:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho yena ho patilwe matlotlo wohle a bohlale le a tsebo ho yena. Sesotho 1909/1961 (SO) eo matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patilweng ka ho yena. BIBELE Ke ho yena Kreste moo matlotlo wohle a bohlale le a tsebo a patilweng teng. Baasraak Sotho NT Ho yena ho patilwe matlotlo wohle a bohlale le a tsebo ho yena. |
Ka baka leo, bohlale ba Modimo bo itse: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang, ba hlorise ba bang ho bona;
A botebo ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang, ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa!
Empa ho ba bitsitsweng, Bajuda le Bagerike, ke Kreste, matla a Modimo, le bohlale ba Modimo.
Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.
Ke yena eo re mo bolelang, re lemosa batho bohle, mme re ruta batho bohle ka bohlale bohle; re tle re hlahise motho e mong le e mong a phethehile ho Jesu Kreste;
Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopa hore le tlale tsebo ya thato ya hae ka bohlale bohle le kutlwisiso ya Moya;
A Lentswe la Kreste le ikahele ka ho lona ka ho enneng ka bohlale bohle; le rutane le ho eletsana ka dipesaleme le difela le dipina tsa moya, le binele Morena ka mohau ka dipelong tsa lona.
Ka baka leo, le ntse le ikitlaetsa ka hohle, le eketse bokgabane tumelong ya lona; le bokgabaneng tsebo;
Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, mme ke tla mo fa lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho ngotswe lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ya le amohelang.