Le tle le tlotlise Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka pelo e le nngwe feela, le molomo o le mong.
BaKolose 1:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, re ntse re le rapella kamehla. Sesotho 1909/1961 (SO) Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, merapelong eo re sa phetseng ho le rapella ka yona; BIBELE Kamehla ha re ntse re le rapella, re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Baasraak Sotho NT Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, re ntse re le rapella kamehla. |
Le tle le tlotlise Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka pelo e le nngwe feela, le molomo o le mong.
Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ka baka la mohau wa Modimo oo le o neilweng ka Jesu Kreste;
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle;
Ka baka leo, ha ke utlwa tumelo ya lona ho Morena Jesu Kreste, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.
Ka kamehla le rapele ka Moya, ka thapelo yohle le thapeli, le fadimehele teng ka tiisetso yohle le thapello bakeng sa bahalaledi bohle.
Le se ke la itshwenya ka letho; empa nthong tsohle tseo le di hlokang le di tsebise Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.
Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopa hore le tlale tsebo ya thato ya hae ka bohlale bohle le kutlwisiso ya Moya;
Re dula re leboha Modimo ka baka la lona bohle, re ntse re le hopola merapelong ya rona;
Ke leboha Modimo, eo ke mo sebeletsang ka letswalo le hlwekileng ho tloha ho bontatae moholo, ha ke sa phetse ho o hopola merapelong ya ka bosiu le motsheare;