Baefese 1:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O re rere esale pele hore re be bana ba hae ka Jesu Kreste, ka ho kgahlisa thato ya hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane leratong la wona, o ne o rere pele ho re bea bana ba wona, ka Jesu Kreste, ka ketso ya boithatelo ba wona, BIBELE A rera e sa le pele hore, ka Jesu Kreste, re be bana ba hae, ho ya ka ho rata ha hae le ka ho kgahlwa ha hae, Baasraak Sotho NT O re rere esale pele hore re be bana ba hae ka Jesu Kreste, ka ho kgahlisa thato ya hae. |
Ka yona nako eo Jesu a ipela moyeng, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea; gonne go ne go le molemo mo matlhong a gago jalo.
Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, mme ba tla o tswa; mme bonang, e moholo ho Jonase o teng mona.
Empa bohle ba mo amohetseng, a ba nea matla a ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitsong la hae;
E seng bakeng sa setjhaba seo feela, empa e le hore a bokelle bana ba Modimo ba hasaneng ba le bang.
Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.
Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena, mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.
Mme e seng tsona feela, empa le rona ba nang le dithakangwaha tsa Moya, le rona ka borona re a fehelwa ka hare ho rona, re lebeletse ho nkelwa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.
Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosthene, ngwanabo rona,
Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.
Ke tla ba Ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho rialo Morena ya matla wohle.
Le rona re ruile lefa ho yena, re rerelwe pele ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka morero wa thato ya hae.
A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.
Ke ka baka leo re le rapellang ka mehla, hore Modimo wa rona a le bale le le ba lokelwang ke pitso ena, mme a phethahatse molemo wohle o molemo wa molemo wa wona, le mosebetsi wa tumelo ka matla;
Modimo le yena o ba pakile ka dipontsho, le meeka, le ka mehlolo e mengata, le dineo tsa Moya o Halalelang, ka ho rata ha wona?
Bonang, ke lerato le jwang leo Ntate a re ratileng ka lona, hore re bitswe bana ba Modimo;